Selemo se na le dinako tse nne e leng:
- Selemo
Nako eo selemo se thwasang ka yona. Ke nako eo diphoofolo di emarang ka yona mme dimela
tsona di thwasa. Ke dikgweding tsena: Phato, Lwetse le Mphalane.
- Hlabula
Nako eo ho tjhesang ka yona mme ho na dipula tsa matlopotlopo tsa lehadima. Ke nako eo
bashemane ba pele selemong ba bolotswang ka yona. Ke dikgweding tsena: Pudungwane, Tshitwe le Pherekgong.
- Lehwetla
Nako ya kgora le monono ha dijalo le dimela di butswa mme ho qalwa kotulo. Ke dikgweding tsena:
Hlakola, Hlakubele le Mmesa.
- Mariha
Nako ya serame le pula tsa medupe. Ke nako eo mokgahlelo wa ho qetela wa bashemane o
bolotswang ka yona. Ke dikgweding tsena: Motsheanong, Phupjane le Phupu.
Selemo se qala kgweding ya Phato ha selemo se thwasa mme se feela mariha ka kgwedi ya Phupu.
Dikgwedi tsa sesotho di eme ka tsela e na ka ho latelana ha tsona:
- Phato (Phato ya makwatle, kgwedi ya lerole.)
- Lwetse (Dijo di ya lometsa ka baka la lerwele la Phato)
- Mphalane (Kgwedi ya diphalane ka ha dinonyane di kgutlile ho latela pula tsa pele tsa selemo.)
- Pudungwana (Bana ba ya bapala mme ba baputswa pududu! Hlabula le thwasitse.)
- Tshitwe (Kgwedi eo nonyana Tshitwe e bonwang ka yona)
- Pherekgong
- Hlakola (Kgwedi ya ho hlaola lehola ho latela dipula tsa Hlabula.)
- Hlakubele (Kgwedi ya tlhaku le lebele. Lehwetla kgwedi ya kotulo.)
- Mmesa (Kgwedi ya ho qetela ya kotulo eo ho beswang poone ka yona.)
- Motsheanong (Re tsheha dinonyana ka ha di baleya serame. Qaleho ya mariha.)
- Phupjane (Phupu e nyenyane. Dinonyana di qaleha ho shwa ke serame sa mariha.)
- Phupu (Dinonyana di shwa la rita ke serame sa mariha.)
|