| Leele |
Tlhaloso |
| Monono ke mohodi ke mouwane |
Leruo ke ntho e iphellang ha bonolo feela. |
| Tsie di jana seropong |
Batho ba leloko ba lwantsana/tsekisana. |
| Phiso di omile methaladi |
Dijo di fedile, ha ho letho le setseng. |
| Metsi a ntshana |
Moratuwa e motjha o kena dipakeng mme a sutuletsa ntle wa kgale. |
| Tsebe ke seotswa |
Tseba e utlwa le seo e neng e sa tlemeha ho se utlwa. |
| Ke nta ya selomela kobong |
Motho ya iketsang motswalle athe ke sera. |
| Kgopi e rahwa ke monono |
Motho ya rohakang kapa ya nyedisang mothusi wa hae. |
| Mpa tshehla ha e bolaye |
Motho o kgotso ha a jele, le ha a ka hloboha. |
| Leoto ke moloi |
Motho o tsamaya a be a fihle moo a neng a sa lebella. |
| Lebitla la kgomo ke molomo |
Kgomo ha e shwele ha e lahlwe, e jewa. |
| Meno masweu, maloma a fodisa |
Lehlaba phiyo. |
| Moro kgotla ha o okolwe mafura |
Ditaba kgotla ha di kwekwetlwe, di behwa poaneng. |
| Moketa ho tsoswa o itsosang |
Motho ho thuswa ya itekang. |
| Kgakgi o kgakga se sa mokgakgeng borokong. |
Motho o lora ya sa mo natseng ka letho. |
| Tlhapi folofela leraha hobane metsi a ptjhele o a bona |
Motho se nna o lla ka ha baheno/bathusi ba hao ba shwele o ba bona. |
| Kwekwe ya morao e tloha le sepolo |
|
| Lepotla potla le ja podi |
Ho akofela/tatela dintho ho a phoqa. |
| Tieho e tswala tahleho |
Motho ya lenama o fetwa ke dintho. |
| Lentswe la morena le ahelwa lesaka |
Lentswe la morena le lokela ho mamelwa. |
| Morena ke morena ka setjhaba |
|
| Habo boi ha ho lluwe |
Ho ba le maqiti a ho phema kotsi/tsietsi. |
| Tang tang e kgangwa ke lerole |
|
| Mara ha a se na dihlwela a ya wa |
|
| Di a bela, di a hlweba |
Dintho di a fetoha. |
| Kgalapa di ya buseletsana |
Batho ba a thusana. |
| Ho se tsebe ke lebote |
Ho hloka tsebo ho bohloko. |
| Ho ya ka dikgoro ha se ho lahlana |
Ho arohana ha ho bolele hore ha le sa tla kopana. |
| Motse ke marutla, ke kooma ya mophatong |
Ditaba tsa lelapa ha di hloke ho buelwa pontsheng. |
| Se sa feleng se ya hlola |
Ha ho ntho e senang pheletso. |