Kgwetsa
Ho thwasa
Kgutsana
Lebollo
Lenyalo
Tjhai
Lefu
Bofifi
Ho kgaola moetlo


O mona: Moetlo > Ho thwasa

Ho thwasa

Pele motho e ka ba ngaka ya sesotho, o lokela ho thwasa. Ho thwasa ke tsela eo ngaka e rupellwang ka yona tsa bongaka ba yona.

Hore motho e be ngaka ya sesotho, o lokela ho ba mokgethwa wa badimo. Sena se hlalosa hore o lokela ho ba le neo e itseng ho ntsetsa mosebetsi ona pele. O tsebiswa sena ditorong kapa sena se iponahatsa ka ho kula ho sa feleng ho hlolang dingaka le methokgo. Motho ya hanang ho ananela ho thongwa hona o wela ke bomadimabe ba ho fokollwa ke bophelo.

Motho ya thwasang o thwasiswa ke ngaka e phethahetseng, e tlang ho mo tataisa dinthong tsohle tseo a lokelang ho ithuta tsona. Torong ya hae o bontshwa ngaka e lokelang ho mo thwasisa le hore na o fihla jwang ho yona.

Ho teng dingaka tse thwasang tlasa tataiso ya tlholeho ka hore ba thwasetsa molapong kapa mahaheng ntle le tataiso ya motho. Podi e sebediswa haholo bakeng sa mesebetsi e amanang le dingaka tsa sesotho. Tsela eo motho a thwasang ka yona e ya fapana ho latela neo ya hae ke ba fatshe. Sena se itshetlehile ho mofuta wa ngaka oo a tlang ho ba ona mohla a qetang dithuto tsa hae.

Basothong, mofuta wa sefaha seo a tlang ho se kenya se supa neo ya hae. Mebala e fapaneng ya difaha ke sesupo sa boemo ba ngaka le tsebo ya yona.
   
           
 Copyright 2008 Nalane ka Fezekile Futhwa
 All rights reserved.