|
Basotho ba re lenyalo ke kabelo, e leng polelo e hlalosang hore batho bohle ba lebelletswe
hore ka le leng la matsatsi ba nyale kapa ba nyaduwe. Lenyalo ke kopano ya malapa a mabedi
e leng la bo mohlankana le la bo morwetsana.
Tsela di pedi tseo ngwana mosotho a nyalang ka tsona. Ya pele ke hore a iponahatse
sepheo sa hae ka hore a rahe moritshwana. Ho raha moritshwana ke ha ngwana moshemane a tla
tsoha ka meso mme a bulele makgomo ho ya naheng. E tla re ha batswadi ba lemoha sena, e ba
puisano ya mmatlela molekane e ba teng.
Tsela ya bobedi ke hore batswadi ba mo rerele lenyalo. Ha mohlankana a se a boletse hore o
kgahluwe kae kapa batswadi ba se ba qetile hore ba moratela lapeng lefe, e ba dipuisano tsa
mahadi di ya qala.
Ho ntshwa lenqosa le ilo tlaleha habo morwetsana hore ba tle ba lebelle baeti nakong e
itseng. Ha nako eo e fihla, barumuwa ba lapa la bo mohlankana ba ya ha bo morwetsana ho ya
kopa seho sa metsi. Ka tlwaelo bomalome ke bona ba tla ya buisana ka tsa bohadi ha bo
kgarebe. Nako tse ding ba felehetswa ke moahelwane kapa ba babedi ba ntata mohlankana.
Ha ba se ba fihlile lapeng la bo morwetsana, e ba ba ipolela sepheo sa bona e leng ho tla
kopa mohope wa metsi. Ha morwetsana a se o bitsitswe mme a dumetse hore o tsebana le beng
ba barumuwa, e ba dipuisano tsa sekepele di ya qalella. Lelapa la bo morwetsana le tsebisa
barumuwa hore sekepele e tla ba bokae. Ha ba sa dumellane, e ba ba tla buisana ho fihlela
tumellano e ba teng.
Ha ba se ba dumellane ka sekepele, e ba ho bewa letsatsi leo ka lona ba tla boela ba kgutla
ho tla phetha mahadi. E re ka ha morwetsana a se a kupuwe, ha ho mohlankana ya tlang ho mo
tanakella ka ha o se a nyetswe.
Mahadi a arotswe ka tsela e latelang:
- Selelekela
E na ke kgomo e ntshetswang mme wa monyaduwa.
- Bohadi
A na ke makgomo a tlang ho nyala monyaduwa ho latela ditumellano.
Mohla mahadi a lefwang, ke mohla ngwetsi e orohelang bohadi le babo monna wa yona. Ha
ngwetsi e fihla bohadi, e hlabelwa nku mme ho thwe e jeswa kwae. O na ke moetlo wa ho tsebisa
leloko lena le letjha ho leloko le badimo la lelapa. Hang ha e fihla e apeswa seaparo se
supang hore ke ngwetsi, mme seo sona ke lekgahla le akgelwang mahetleng.
Ngwetsi e phela le monna wa yona habo monna nakong eo ho thweng ngwetsi e ya bekwa ke mme
matsale. Ho bekwa ke thuto eo ngwetsi e efumanang ho matsale mabapi le lelapa ha mmoho le
meetlo le ditlwaelo tsa moo. Ho beka ho ne ho nka nako e ka etsang kgwedi tse tharo ho isa ho
selemo.
Ka mora nako e ka etsang kgwedi tse tharo ho isa ho tse tsheletseng, ngwetsi e isa mahlo lapeng
labo moo e tswalwang teng. Ke mona moo ngwetsi e phahlelwang teng ha e kgutlela bohadi.
Ka mora ho kgutlela bohadi, e ba ngwetsi le monna ba ntshwa motse ke batswadi ba monna hore
ba ilo iqalla motse wa bona ba inotshi.
|