|
Ha motho wa mme a tswa ntlong, ka mora matsatsi a leshome, ke hona batho ba dumellwang ho bona ngwana wa lesea.
E re ka ha phuwana ya lesea e sa tetema, ngwana o etsetswa moetlo oo o bitswang ho rweswa kgwetsa. Ho rweswa
kgwetsa ke ho taka ngwana ka methokgo e itseng mme lesea le rweswa leoto la nakedi kapa leino la pitsi mona
molaleng.
Ho latela ho fetoha ha dinako le bothata ba ho fumaneha ha diphoofolo tsena, ho se ho sebediswa dintho tse
ngatanyana mme tse fapaneng e le sesupo sa kgwetsa.
|