|
Ngwana ya hlokahalletsweng ke motswadi o bitswa kgutsana, mme ya hlokahalletsweng ke batswadi
ka bobedi o bitswa kgutsana kgudu.
Ka mora lepato la motswadi, ngwano eo o sala sefifing sa kgutsana. Kgutsana e hlobolwa ka mora
selemo motswadi a patilwe.
Ha selemo se fedile, e ba bana bohle ba hlobola kgutsana. Ke boikarabelo ba malome ho
hlobodisa batjhana kgutsana. Ha ho motho e mong ya ka rolang bana kgutsana ntle le malome.
Ho hlajwa kgutshwenyane(nku) bakeng sa mosebetsi ona. Phoofolo e hlajwa mantsiboya a tsatsi le
fetileng. Ka meso ba tsoha ba tlole ka metsi a nang le moswang le nyooko ya phoofolo ya maobane. Ba hlapa
ka ho hlahlamana ha bona ho qala ho e moholo ho isa ho wa ho fejana, ho qala ka ba batona pele. Moswang
oo ha o tloswe mme ha ba hlape letsheare lohle.
|