|
Le ha kwana moetlo e le ntho ya bohlokwa bophelong ba mosotho, ho teng mabaka a tlamang
mosotho ho fedisa moetlo ka lapeng.
E re ka ha moetlo e le karolo ya bophelo, sepheo sa moetlo ke bophelo bo botle le
katleho. Tshita ya pele ka moetlo ke bofutsana. Motho ya futsanehileng ha a na bokgoni ba ho
ntshetsa ditakatso tsa ba fatshe pele ha a hloka.
Sa bobedi ke ho babola ka lapeng. Ha ho na le motho ya kulang a sa kgaotshe, meetlo e meng ho thata hore
e phethahatswe haholo jwang hobane meetlo ya sesotho e kenya tshollo ya madi a phoofolo ka
hare, mme mokuding seo ke ho hlola.
Ho feta moo, e re ka ha batho e se e le majakane, bana ba tshwara bothata ka ha meetlo e
hloka bomalome le leloko ho e phetha; mme malapa a mangata ha a na kutlwano. Sena se beha
bophelo ba bana tlokotsing ka ha ba se na hona ho iketsetsa ntho tsena>
Ke bakeng lena moo lelapa le nkang qeto ya hore moetlo o fediswe. Ha qeto e na e se e nkuwe,
e ba lelapa lohle le ya kopana mme ho hlajwa kgomo eo ka yona ho fediswang moetlo. Ya kgethuweng
wa lelapa o fana ka puo eo ka yona a tsebisang badimo ba habo ka qeto ya bona.
|