|
Lefu ke ngwetsi ya malapa ohle.
Ha motho a hlokahala, e ba ho tsebiswa ba leloko le metswalle yohle. Lelapa le hlahetsweng
ke lefu le qala ho ila ho tloha mohla lefu le tsebahetseng ho fihlela ho hlobolwa thapo.
Mofu e ba o tla bolokwa hang ha leloko le tsebile mme ditokiso tsa lepato di phetilwe. E bang
mofu a hlokahalletse hole le hae kapa ka kotsi, o lokela ho latuwa moo a teng ho tliswa hae.
Ha a latuwa ho uwa moo a hlokahalletseng teng mme ho etswe thapedi a bolellwe hore o tlilo
latuwa ho iswa hae. Sena se etswa e le hore moya wa hae o phomole ka kgotso mme a se hlophe
ba phelang ka dingongoreho tsa hae.
Bosiu pele ho lepato, ho tshwarwa tebelo lapeng la mofu. Tebelo ke ho leta ha ba leloko
ho lebetswe mofu ho fihlela a patwa ka le hlahlamang.
Hoseng ha le hlahlamang, banna ba motse ba nka setopo ho ya se pata mabitleng. Basadi le bana
ha ba a dumellwa ho ya lepatong. Ke ka hona ho thwe mofu o ya patwa, o patelwa bana mme ho
thwe o thobile. Bana ba tla tsebiswa bosiu borokong hore eo o orohile mme o ile boya batho.
Basadi le bana ba tsoha ba ya mabitleng ka moso ho ya beha mokolokotwane. Mokolokotwane
ke ketso ya ho ya nqalong ya bafu mme ho behwa lejwana teng e le sesupo sa tlhompho.
Ka meso tsatsing le hlahlamang lepato, leloko lohle le hlatswa sesila ka ho ipotlola ka metsi
a nang le nyoko kapa moswang wa phoofolo e hlabetsweng mofu. Ka sesotho mofu o felehetswa ka
madi a phoofolo.
Pele bohle ba kgutlela malapeng a bona, leloko le dumellana ka nako ya ho hlatswa sesifi.
Hona ho tlwaetse ho nka kgwedi bakeng sa bana. Molekane yena o nka kgwedi tse tsheletseng ho isa ho selemo
a le bofifing pele o rola thapo. Ha e le motswadi ya hlokahetseng, bana ba hae ba hlobodiswa
thapo ke malome wa bona. Ke yena ya nkang boikarabelo ba seo. Ka mora selemo, bana ba hlobodiswa
kgutsana ya motswadi wa bona.
E re ka ha thapo e ya ilwa ka sesotho, mang le mang ya e rwetseng o lokela ho itlhompha mme a
itshware ka nepo. Ya nyefolang le ho hlompholla thapo o tla welwa ke bomadimabe bophelong ba
hae. Motho ya rwetseng thapo ha a lokela ho tsamaya le masiu.
Thapo ke kgwele ya lodi e hohlilweng mme ya nto tlangwa molaleng wa motho ya e rwalang.
Mohla bana ba rolang thapo, ho hlajwa phoofolo eo ho yona nkuwang moswang mme o dukwa metsing
ao ba tlang ho tlola ka ona. Molekane ya siilweng ke wa hae yena o ya lapeng la bo ho ya hlatswa
sesila teng. O hlatswa jwalo ka bana, phapang ke hore yena o ya lapeng labo ho hlatsuwa.
|