|
Ngwana mosotho o hodiswa ka tlhompho le tlotla. O hodiswa hore a tsebe hlompha baholo ba hae
ha mmoho le thaka tsa hae.
E re ka ha mosotho a ipela ka thari ya hae, boitshwaro ba ngwana ho thwe bo supa thuto ya
batswadi le lelapa leo a tswang ho lona.
Ke ka hona mosotho a nang le puo e reng ngwana ke wa batho bohle, e leng ho bolelang hore
setjhaba sohle se na le boikarabelo kgodisong ya ngwana. Bana ba hodiswa ka tsebo ya ho
hlompha le ho tshaba batho ba baholo, e seng batswadi feela.
|