Letsema
Letsholo
Nako
Tlhompho
Masimo
Ho disa
Kahisano
Bofuma
Sewa
Mokete
Boloi
Dipapadi


O mona: Ditlwaelo > Dipapadi

Dipapadi

  • Mantilatilane
  • Mantilatilane ke papadi eo ka yona ho bolediswang le ho roka seboko sa motho. Ke papadi eo ka yona motho a ithutang ka seboko sa hae le ho ithoka a iphafa ka sona. Papadi e na e bapalwa ka mokgwa ona:
    Mmotsi Moarabi
    O tswa kae? Ke tswa ha Mantilane
    Wa jang? Ka ja bohobe.
    Wa futswela kang? Ka metsi a pula.
    Thella he! Ke thelle jwang ke le...(mona seroki se qalella ho roka seboko sa hae.)

  • Ho kalla
  • Ho kalla ke papadi e bapalwang ke bana ba bashemane mme ba ithuta tsebo ya ho sebedisa molamu. Ba otlana ka melamu mme moshemane ka mong o loketse ho thiba hore a se batwe ha yena a leka ho bata wa mphato wa hae.
  • Lesokwana
  • Lesokwana ke papadi ya banana le bashemane e bapalwang nakong ya komello. Banana ba motse ba tswela metse e mabapi mme ba kene ntlong e ngwe mme ba kope metsi. E ba ba nka lesokwana la motse oo ba baleha ka lona. E tla ba bashemane ba motse oo ba ya ba lelekisa ka sepheyo sa ho boela ba fumana lesokwana leo. Lesokwana ke engwe ya dithapelo tsa basotho tseo ka tsona ba rapellang pula.
  • Mmino
  • Pina ke ntho e kgolo bophelong ba mosotho ka kakaretso. Bana ba bina dipina hohle mme ho bile ho na le tlhodisano tsa mmino moo metse e mabapi e kopanang mme ho hlodisanwe ka mmino.
  • Senyamo
  • Senyamo ke papadi ya lerato e bapalwang ke banana le bashemane mantsiboya ha shwalane e tshwara. Ngwanana o tla botsa e mong a re:
    Ya botsang: Senyamo
    Ya botswang: Se mang?
    Ya botsang: Se nnyeo (e le ha a bolela lebitso la moshemane)
    Ya botswang: Seboko (o hana moshemane) kapa Ka shwa (o dumela moshemane)

    Sena se tla tswela pele ho fihlela ngwanana a ba a dumela moshemane kapa ya botsang a ba a tela.
  • Mantlwane
  • Mantlwane ke papadi eo ka yona bana ba tshwantshwanyang ho ba batswadi. Ho ba le malapa mme bana ba banana ke bomme ha bashemane e ba bontante. Ho tluwa le dijo malapeng ka ho fapana mme e ba ho ya phehuwa. Ha dijo di se dibutsuwe mme ho tshotswe, e ba papadi e fedile.
  • Ho Tsoma
  • Ho tsoma ke papadi ya bashemane e leng moo ba tswang ho ya naheng ho ilo tsoma diphoofolo tsa naha. Sepheo sa ho tsoma ke ho tla le nama lapeng. Diphoofolo tseo basotho ba tlwaetseng ho ya ditsoma ke letsha, none, tshepe, noko, tshukudu le nare.
  • Ho Tshosetsa
  • Ho tshosa ke papadi ya bashamane e leng moo ba tswang ho ya tsoma dinonyana le ditadi. Dinonyana tseo ba batlwaetseng ho di tsoma ke thaha, lenkukurwane, leeba, kgaka le lehodi. Ditadi tseo ba tlwaetseng ho ya di tsoma tsona ke lebodi le kgwana.
  • Mopaqo
  • Mopaqo ke mofuta wa motjeko o etelletsweng pele ke mmino, mme ke papadi ya banana.
  • Mokopu
  • Diketo
  • Diketo ke papadi e ratwang ke banana ba basotho moo ho bapalwang ka majwe a kentsweng sebidikweng kapa hara mokotjana. Mobapadi o akgela lejwe hodimo mme a ntshe majwe mokoting kapa sebidikweng mme a boele a kope lejwe leo ntle le ho le diya. Ketso e na ya ho ntsha le kgutlisetsa majwe ka mokoting e tswela pele ho fihlela majwe ohle a fedile ka ha kamehla ha a kgutlisetswa ho siuwa le le leng.
  • Kgathi
  • Kgathi ke papadi ya banana moo ba tlolang kgole kapa thapo ha ba bang bona ba e tlodisa.
  • Tswibila
  • Tswibila ke papadi ya bashemane mmo ba nkang dithupa tse kebeselang mme ba bee letsopa le lesesanyane qetellong, ba nto betsa thupa ba e lebisitse ho ba bang. Letsopa e ba le tswa le lebile mothong ya otlwang ka lona.
  • Mokgibo
   
           
 Copyright 2008 Nalane ka Fezekile Futhwa
 All rights reserved.