|
Boloi bo tla dula e le qaka e kgolo le semaka bophelong ba mosotho. Sena se tswalwa ke hobane
boloi bo kenyelletsa dimaka tseo ho seng motho ya kileng a leka ho di hlalosa. Ho feta moo,
ho leka ho hlalosa tse ding tsa diketsahalo tsena ke ho suwa lerapo la puleng.
E re ka ha boloi bo itshetlehile tshebedisong e mpe ya methokgo, ho batla ho le thata
mothong ya senang tsebo eo ho fana ka tlhakisetso.
Moloi ke motho ya sebedisang ditlhare ho etsa e mong hampe. Tsela di ngata tseo motho a ka
louwang ka tsona, empa sesosa sa boloi ka mehla ke mehono kapa boiphetetso.
|