Ntswana tsatsi
Badimo
Dingaka
Thapelo
Lesaka
Leifo
Borena
Seotlwana


O mona: Bodumedi > Thapelo

Thapelo

Bophelo ba mosotho bo kenyeleditse ka hare ditlwaelo, moetlo le tumelo. Sena se bolela hore mosotho ha a na mola o arolang tumelo ho dintho tse ding. Tumelo ya hae ke karolo ya bophelo ba matsatsi ka mehla.

Ke hona lebakeng lena thapelo ya sesotho e sebediswang diketsahalong tse itseng feela, ka ha thapelo ho mosotho e phethahatswa hohle. Dipolelo tsa matsatsi ohle tse kang "ka modimo", "modimo wee!", "jo nna wee!", "hle" le "ke ya leboha"di fupere thapedi ka hare ho tsona.

Mosotho o bile o etsa thapedi ka dintho tse tshwanang le dithoko, dipina le mokorotlo. Thoko e tummeng basothong ke ena:
Lesokwana
Re mekgolotjhane
Ha re etsa welewelele
Sila kwae re yo tsuba thabeng
Re yo tswala mosweu a lehaha.

Ntili o bitswa Lebabalasi.
Ho thwe a yo thusa dikgarejana
Ntswaketsane a ntola Ntili
Nka ikgohla ka Ntili ka kuka

Modimo ako re utlwe re a rapela
Mmakane! ho ilwe kae?
Ho sa keng ho kgutlwa re tla bonwa?
Bonkgono ba llela matlala
Kapa ba a bona jwang ba shwele?

Ba a bona ka paka tsa mabitla
Beng ba dikgomo ba ntse ba lela
Ba re tsa bona di a tswalla neng tsona
Di tswala, di ata, di ntshetsa marole pele.

Ka lala le ngwana seho, ka hatsela
Ngwana seho ha a na molongwana
Ke re ka bua le yena, ha a bue!
Feta o phokole, nna ke kgathetse.

Hlabang tse tshweu, le nee medimo
Le tle le bone ha medimo e thaba
Ha medimo e thabela dikgarebe
Ntili wa lona basadi ke ofe?

Ntili o a bitswa, o a llelwa
Ngwana seho o letse a mpadisa meloko
Meloko ya habo ke e tseba kang?
Ke tseba ya heso, le eso moholo.

Ntili o a bitswa le Makhoakhoeng
Le Makhoakhoeng di teng dikgarejana
Ha re etsa welewelele,
Modimo ako re utlwe, re a rapela.

Ke e qotsitse bukeng Mmane 3 mme e ngotswe ke A. Sekese

   
           
 Copyright 2008 Nalane ka Fezekile Futhwa
 All rights reserved.