Ntswana tsatsi
Badimo
Dingaka
Thapelo
Lesaka
Leifo
Borena
Seotlwana


O mona: Bodumedi > Ntswana tsatsi

Ntswana tsatsi

Tlholehong, mosotho wa pele o bitohile lehlakeng tulong eo ho thweng ke ntswana tsatsi. Ntswana tsatsi e bolela qalehong ya bophelo, mme sebaka sena se botjhaba tsatsi.

Mmopi wa tsohle o bitswa Ramasedi kapa Tlhatlhamatjholo. Lebitso le akaretsang la Mmopi ke Modimo, le hlalosang ya hodimo kapa ya okametseng tsohle.

Lebitso lena Modimo le lebisa ho e ngwe ya tse latelang:
  • Ramasedi
  • Ramasedi, mmopi wa tsohle.
  • Badimo
  • Bongwe ba badimo ke modimo.
  • Motho
  • Ntate ke modimo wa ngwana, mofepi le mobaballi wa hae.
Tumelo ya mosotho ho mmopi e bitswa setho, e leng motheo wa bophelo ba mosotho. Motheo wa bophelo ba mosotho ke setho, motho le botho.

Setho ke tumelo ya mosotho ho mmopi wa hae. Motho ke sebupuwa sa mmopi se phethahatsang setho. Athe botho bona ke dikateng tsa bophelo ba mosotho tse fupereng boitshwaro, tlhompho le dikamano pakeng tsa batho.

   
           
 Copyright 2008 Nalane ka Fezekile Futhwa
 All rights reserved.