|
Leifo ke sebaka sa ho phehela seotlwaneng.
Lelapa ka leng le na le leifo, mme leifo ke sebaka se laolwang ke bomme. Leifo le boela
le sebediswa ho boloka nama le jwala nakong ya mosebetsi.
Leifo ke moo ho phehelwang dijo tsa lelapa teng. Le boela le sebediswa ho pheha dijo tsa
mosebetsi. Bontate ba na le leifo la bona sakeng, moo teng ho beswang nama e jewang ke
bontante ka mora ho hlaba phoofolo, mme nama e na yona e bitswa maleu.
|