|
Nqalo ya bafu e bitswa mabitla, mme ke sebaka se ikgethileng mme se hlompheha. E re ka ha mona ke moo ho robetseng badimo ba basotho, motho a ka inahanela hore na bohlokwa ba sona ke bo bokae ho basotho.
Ntlo ka ngwe nqalong ya bafu e bitswa lebitla, mme moo bafu ba rona ba robatswang teng. Boholoholo ha basotho ba sa na le naha, mabitla a ne a hlongwa hona mobung wa lelapa ka leng. Beng ba bafu ke bona ba ikarabelang ka bafu ba bona mme batho ba lokela ho boloka matlo a bafu ba bona a hlwekile. Haholo jwang hobane mona ke moo batho ba behang mekolokotwane ha ba tlile ho hlwela bafu ba bona.
Motho a ka tla neng kapa neng ho tla beha mokolokotwane, empa basotho ba ne ba hlompha nako mme ho tluwa mona ka meso kapa mantsiboya ha le rapama. Mang kapa mang ya kenang mabitleng o lokela ho hlapa matsoho ka lekgala ho tlosa sefifi sa bafu.
Mesong eo mofu a tla behwa ka yona, ho tswa banna ho ya epa ntlo ya mofu. Basadi le bana ha ba ya dumellwa ho ya tjhepa lebitla. Lebitlwa le tjhekwa le shebile botjhabela mme boholong ho ne ho etswa phapusi moo mofu a neng a dula teng. Lekoko la phoofolo le ne sebediswa ho mo apesa, empa mehleng e na ho sebediswa makese. Mofu o fuwa dihlomo, lerumo le thebe, ho itshireletsa leetong la hae la ho kgutlela ho baholo ba hae. O ne a boela a fuwa peo eo ka yona ho kotjwang kgora le nala ho ba fatshe.
Nqalo ya bafu ha e suptjwe ka monwana mme ha e paroletswe lehare.
|