Ntswana tsatsi
Badimo
Dingaka
Thapelo
Lesaka
Leifo
Borena
Seotlwana


O mona: Bodumedi > Dingaka

Dingaka

Dingaka tsa sesotho di fuwa sebaka se ikgethang setjhabeng ka baka la hore diboela e be mahokela pakeng tsa batho le badimo. Mosebetsi o moholo wa dingaka ke ho phekola mafu le mahloko a teng setjhabeng.

Dingaka di arolwa ka ho latela mefuta ena:

  • Nkgekge
  • Nkgekge ke ngaka e kgolo ya sesotho ho latela bokgoni ba yona le karolo eo a e bapalang. Nkgekge ke yona e phekolang mafu mme e fana ka methokgo.

    Ke yona e phekolang mafu le mesebetsi e jwalo ka ho ripwa ha bana ba masea.

    Nakong ya mariha le hlabula ke yona e bolotsang.
  • Ditaola
  • Ngaka ya ditaola ya laola. E sebedisa ditaola ho lohotha ditsietsi le ditshita tsa batho mme e fane ka lesedi hore na ho lokela ho etsuwa eng ho feta mathateng ao.

    Ke yona e sebediswang haholo ke basotho nakong tsa mesebetsi ka ha ba hokahanya batho le badimo nakong tsen.a

  • Pula
  • Ngak ya pula ke yona eo ho tshepetsweng ho yona nakong tsa komello ka ha e na le bokgoni ba ho nesa pula.

   
           
 Copyright 2008 Nalane ka Fezekile Futhwa
 All rights reserved.