Ntswana tsatsi
Lebitla
Badimo
Dingaka
Thapelo
Lesaka
Leifo
Borena
Seotlwana


O mona: Bodumedi > Badimo

Badimo

Botshabeho ba Modimo, Ramasedi, ke bo makatsang mme mosotho o fana ka tlhompho ka hore a keke a buisana le Ramasedi ka ho otloloha. O sebedisa badimo ke hona lebakeng leng.

Ho latela lenane talello la sedimo: Ramasedi, Badimo, Modimo, Medimo; tlhompho le tlotla e lebiswa ho badimo ka tatellano ya seng sa modimo le medimo. Sena se bolela hore badimo ba tlotlwa ho latela dikamano tse teng pakeng tsa batho, mme tsona di itshetlehile ho sedimo. Ntate modimo wa ngwana. Mme modimo wa ngwana. Baholo ba ngwana medimo ya ngwana. Badimo ba motho ke bao a tswalang le bona.

E re ka ha badimo ba se ba orohetse ho Modimo, ba haufinyane le yena mme ba utlwisisa matshwenyeho le maqakabetsi a rona. Mosotho o sebedisa badimo ke hona ho fetisa dithapelo le melaetsa ya hae ho Modimo. Lehlaloso ngwe la badimo ke ba fatshe. Ho bolelang hore ha mosotho a oroha o ya fatshe, e leng lefatseng. Ka hoo, badimong ke fatshe, tlase ho lefatshe. Mosotho ha a hlokohala o patwa a shebile botjhabela, mme o fuwa peo le dihlomo. Sena se etswa ka ha mofu o nka leeto ho kgutlela hae ntswana tsatsi mohlang a patwang. Dihlomo ke tsa ho itshireletsa athe peo yona ke bakeng sa nala.

Lentswe le na "ba fatshe" le bohlokwa bophelong ba mosotho ka ha le hlalosa kamano e teng pakeng tsa mosotho le tlholeho, haholoholo lefatshe. Le bontsha katamelano eo mosotho a nang le yona le lefatshe. Sa pele ke bohlokwa ba mobu ho mosotho. Mobu ke masimo, mohlodi wa dijo. Mobu ke naha, makgulo le lepatlelo. Ho feta mona, mobu ke mohlodi wa dintho tsohle tse fumanwang lefatsheng. Lefatshe le bile le bontsha bohlokwa ba ditoro ho mosotho. Badimo ba buisana le batho ka ditoro, mme ditoro di bonwa feelwa nakong ya boroko ha motho a robetse lefatsheng.

Ke qoholla bohlokwa ba noka ho mosotho. Ntle le molemo wa ho fana ka metsi, noka e amahangwa le tulo ya badimo. Mesebetsi e ikgethileng ya mosotho e phethahatswa nokeng. Nkgekge e thwasetsa nokeng, tlase ho metsi. Noha ya metsi e ikgethile bophelong ba mosotho. Haholoholo ka kamano ya yona le ditaola tsa basotho. Ho lora noha ho na le moelelo ho mosotho.

E re ka ha mosotho ha a hlokahala o ya badimong, o ba haufinyane le bao a ba siileng lefatsheng lena. Lentswe lena ho hlokahala le bolela hore eo o bitsitswe badimong ho tla ba e mong wa bona. Ka sesotho motho ha ho thwe o shwele, empa o hlokahetse.

Ka tsela e ngwe ho thwe motho o fetile. E leng ho hlalosang hore o tlohile ho lena le ka kwano mme o fetetse pele moo bohle re tlang ho fella teng. Baneng ba masea teng ho thwe motho o thobile, e leng ho bolelang hore o ba thobetse.

Basotho ba buisana le badimo ka tsela tse fapaneng. Badimo ba ka buisana le motho ka ditoro kapa ka puisano le ngaka. Basotho ba bile ba na le dipono tseo ka tsona badimo ba itshenolang ho bona.

   
           
 Copyright 2008 Nalane ka Fezekile Futhwa
 All rights reserved.