Contact Us
Basotho Heritage
amaXhosa Heritage
Email: ffuthwa@nalane.org.za
Skype: pusisano
MSN: Motho
Google: Sekgwahla
Kopano ke Matla
Letshwele le beta poho
Ka ha ntja pedi ha e hlolwe ke sebata
E bile bana ba motho ba arolelana hlooho ya tsie
Ka ha baba ba motho ba tsebana ka meropo
Batho e ka kgona ba ipope
E be ngatana ngwe
Ba tle ba pheme ditsietsi le mathata
A lena lefatshe, ka kopanelo
Ka thusano, ka lerato
Ka ha bana ba kgwale ba bitsana ka melodi
Karohano e tlisa hloboho
Ke sesosa sa pherekano le manyofonyofo
Merusu le tsona dikgoka
Fatsheng lena le meutlwa
Mme o hopole hore ha bo mohale ho phelwa ka mamina
Mme ha bo boi teng ha ho lluwe